Jonase 1:15-17 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

15. Yaba ba nka Jonase, ba mo lahlela lewatleng, mme lewatle la lesa ho halefa.

16. Mme banna bao ba tshaba Jehova haholo; ba hlabela Jehova mahlabelo, ba mo etsetsa le dikano.

17. Yaba Jehova o romela hlapi e kgolo ho metsa Jonase, Jonase a ba a dula mpeng ya hlapi matsatsi a mararo le masiu a mararo.

Jonase 1