Johanne 6:42-53 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

42. Mme ba re: Na eo hase Jesu, mora Josefa, eo re tsebang ntatae le mmae? Jwale o bolela jwang, ha a re: Ke theohile lehodimong?

43. Empa Jesu a ba araba, a re: Le se ke la seba hammoho.

44. Ha ho motho ya ka tlang ho nna, ha a sa hulwe ke Ntate ya nthomileng; mme nna, ke tla mo tsosa ka letsatsi la bofelo.

45. Ho ngodilwe mangolong a baporofeta, ho thwe: Ba tla rutwa bohle ke Modimo. Ka baka leo, e mong le e mong ya utlwileng Ntate, ya ithutileng ho yena, o tla ho nna.

46. Hase hore motho o kile a bona Ntate, haese ya tswang ho Modimo; yena o bone Ntate.

47. Kannetenete ke re ho lona: Ya dumelang ho nna o na le bophelo bo sa feleng.

48. Ke nna bohobe ba bophelo.

49. Bontata lona ba jele manna feelleng, mme ba shwele.

50. Ke bona bohobe bo theohang lehodimong, hore motho a bo je, mme a se ke a shwa.

51. Ke nna bohobe bo phelang, bo theohileng lehodimong; ekare ha motho a eja bohobe bona, o tla phela kamehla; mme bohobe boo ke tla mo nea bona, ke nama ya ka, eo ke tla e nea lefatshe, le tle le phele.

52. Yaba Bajuda ba tsekisana hammoho, ba re: Na eo a ka re nea nama ya hae jwang, ra e ja?

53. Jesu a re ho bona: Kannetenete ke re ho lona: Ekare ha le sa je nama ya Mora motho, le sa nwe madi a hae, le ke ke la ba le bophelo ka ho lona.

Johanne 6