41. Ha ba ha dumela ho yeua ka baka la polelo ya hae ba bangata ho fetisa ba pele.
42. Ba ne ba re ho mosadi: Ha re sa dumela ka baka la polelo ya hao; hobane re ikutlwetse, mme re a tseba hobane enwa ke Kreste ruri, Mmoloki wa lefatshe.
43. Eitse ha matsatsi a mabedi a fetile, a tloha teng, a ya Galelea.
44. Hobane le yena Jesu o ne a boletse, a re: Moporofeta ha a bokwe naheng ya habo.
45. Eitse ha a fihla Galelea, Bagalelea ba mo amohela, kahobane ba ne ba bone tsohle tseo a di entseng Jerusalema mohla mokete; hobane le bona ba ne ba ile moketeng.
46. Jesu a boela a tla Kana wa Galelea, moo a neng a fetotse metsi veine. Mme kgosana e ne e le teng, eo mora wa yona a kulang Kapernauma.
47. Monna eo eitse ha a utlwa hobane Jesu o fihlile Galelea, a etswa Judea, a tla ho yena, a mo rapela, a re, a theohe, a ye ho fodisa mora wa hae; hobane o ne a se a le makgatheng a ho shwa.
48. Yaba Jesu o re ho yena: Ha le sa bone mehlolo le meeka, ha le ke le dumela.
49. Kgosana ya re ho yena: Morena, ako theohe, ngwana ka a eso ho shwe.
50. Jesu a re ho yena: Eya; mora wa hao o pholohile. Monna eo a dumela taba eo Jesu a mmolellang yona, a ikela.
51. Yare ha a sa theoha, a kgahlanyetswa ke ba hlanka ba hae, ba mo tsebisa, ba re: Mora wa hao o pholohile.
52. A ba botsa hora eo a ikutlwileng ho thuseha ka yona. Ba re ho yena: Maobane, ka hora ya bosupa, febere e mo tlohetse.
53. Yaba ntata ngwana o lemoha hobane ke ka yona hora eo Jesu a neng a re ho yena: Mora wa hao o pholohile. A ba a dumela le ba ntlo ya hae kaofela.
54. Jesu a etsa mohlolo oo wa bobedi, ha a fihla Galelea, a etswa Judea.