Johanne 4:16-22 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

16. Jesu a re ho yena: Ya bitsa monna wa hao, mme le tle kwano.

17. Mosadi a araba, a re: Ha ke na monna. Jesu a re ho yena: O boletse hantle, ha o itse: Ha ke na monna.

18. Hobane o kile wa ba le banna ba bahlano, mme eo o nang le yena jwale hase monna wa hao; moo o boletse nnete.

19. Mosadi a re ho yena: Morena, ke a bona hobane o moporofeta.

20. Bontata rona ba ne ba rapela thabeng eo; mme lona le re, nqalo eo ho tshwanetsweng ho rapelwa teng, e Jerusalema.

21. Jesu a re ho yena: Mosadi, ntumele, nako e a tla, eo le sa tlo ka le rapela Ntate thabeng eo, leha e le Jerusalema.

22. Lona, le rapela seo le sa se tsebeng; rona re rapela seo re se tsebang; hobane poloko e tswa ho Bajuda.

Johanne 4