Johanne 20:29-31 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

29. Jesu a re ho yena: Kahobane o mpone, Thomase, o dumetse. Ho lehlohonolo ba dumetseng, leha ba sa ka ba bona.

30. Jesu a etsa mehlolo e meng e mengata pontsheng ya barutuwa ba hae, e sa ngolwang bukeng ena.

31. Empa eo e ngodilwe hore le tle le dumele hobane Jesu ke Kreste, Mora wa Modimo, le hore, ka ho dumela, le be le bophelo ka lebitso la hae.

Johanne 20