Johanne 2:1-5 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Ka letsatsi la boraro, bohadi ba eba teng Kana wa Galelea; mma Jesu o ne a le teng.

2. Jesu le yena a biletswa bohading le barutuwa ba hae.

3. Mme veine ya fela. Yaba mma Jesu o re ho yena: Ha ba na veine.

4. Jesu a re ho yena: Mosadi, taba ya ka le wena ke efe? Nako ya ka ha e eso ho tle.

5. Mmae a re ho bahlanka: Etsang kahohle kamoo a tla le bolella kateng.

Johanne 2