Johanne 19:20-22 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

20. Bajuda ba bangata ba bala lengolo leo, hobane nqalo eo Jesu a thakgisitsweng ho yona e ne e le haufi le motse; hape, le ne le ngodilwe ka Seheberu, ka Segerike, le ka Selatine.

21. Yaba baprista ba baholo ba Bajuda ba re ho Pilato: Se ngole: Morena wa Bajuda; o mpe o ngole hore ke yena ya itseng: Ke nna morena wa Bajuda.

22. Pilato a araba, a re: Seo ke se ngodileng, ke se ngodile.

Johanne 19