Johanne 18:11-22 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

11. Yaba Jesu o re ho Petrose: Busetsa sabole ya hao selateng; na nke ke ka nwa senwelo seo ke se neilweng ke Ntate?

12. Jwale sehlopha, le molaodi wa sekete, le bahlanka ba Bajuda, ba tshwara Jesu, ba mo tlama,

13. ba mo isa ho Anna pele; hobane e ne e le ntata mosadi wa Kaiafa, moprista e moholo wa selemo seo.

14. Ke yena Kaiafa ya neng a eleditse Bajuda, hore ho ka ba molemo ha motho a le mong a ka shwela setjhaba.

15. Simone Petrose o ne a latela Jesu, a ena le morutuwa e mong; morutuwa eo o ne a tsejwa ke moprista e moholo, mme a kena le Jesu lebaleng la moprista e moholo.

16. Empa Petrose a ema monyako kantle. Yaba morutuwa eo, ya tsejwang ke moprista e moholo, o tswela ntle, a bua le molebedi wa monyako, mme a kenya Petrose kateng.

17. Jwale, lekgabunyane leo e leng molebedi wa monyako, la re ho Petrose: Ha ke re, le wena o e mong wa barutuwa ba motho enwa na? A re: Ha ke yena.

18. Bahlanka le manqosa ba ne ba le moo, ba besitse mollo, kahobane ho ne ho hatsetse, mme ba ne ba ikomosa; le yena Petrose o ne a eme le bona, a ikomositse.

19. Jwale, moprista e moholo a botsa Jesu bakeng sa barutuwa ba hae le thuto ya hae.

20. Jesu a mo araba, a re: Ke buile le batho bohle pepeneneng, ka bua sinagogeng le tempeleng kamehla yohle, moo Bajuda bohle ba phuthehelang teng; ha ke a ka ka bolela letho sephiring.

21. O mpotsetsang? Botsa ba utlwileng seo ke ba boleletseng sona; ke bona ba tsebang seo ke se boletseng.

22. Eitse hobane a rialo, e mong wa bahlanka ya emeng moo a otla Jesu ka thupa, a re: Na o araba moprista e moholo jwalo na?

Johanne 18