Johanne 16:6-9 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

6. Empa kahobane ke le boleletse tseo, dipelo tsa lona di tletse maswabi.

7. Leha ho le jwalo, ke le bolella nnete: ho molemo ho lona ha nka ikela; hobane ha ke sa ye, Moemedi a ke ke a tla ho lona; empa ha ke eya, ke tla mo romela ho lona.

8. Mme etlare hobane yena a tle, o tla kgodisa lefatshe, hore sebe se teng, le ho loka, le kahlolo:

9. sebe se teng, hobane ha ba dumele ho nna;

Johanne 16