Johanne 16:3-5 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

3. Ba tla le etsa tseo, ke hobane ha ba tsebe Ntate, leha e le nna.

4. Ke mpa ke le boleletse taba tseo, hore nako ya tsona ha e tlile, le tle le hopole hobane ke na be ke le boleletse tsona. Ha ke sa ka ka le bolella tsona esale ho qaleng, ke hobane ke ne ke sa na le lona.

5. Jwale ke ya ho ya nthomileng, mme ha ho e mong ho lona ya mpotsang hore: O ya kae?

Johanne 16