Johanne 14:2-14 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

2. Meaho e mangata ka tlung ya Ntate; hojane ha ho jwalo, nka be ke le boleletse; ke ya ho le lokisetsa bodulo.

3. Mme etlare ha ke se ke ile, ke le lokiseditse bodulo, ke tla boela ke boye, ke le nkele ho nna, hore moo nna ke leng teng, le lona le be teng.

4. Mme moo ke yang, le a tseba, le tsela le a e tseba.

5. Thomase a re ho yena: Morena, ha re tsebe moo o yang; tsela re ka e tseba jwang na?

6. Jesu a re ho yena: Ke nna tsela, le nnete, le bophelo; ha ho motho ya ka tlang ho Ntate, haese ka nna.

7. Hoja le a ntseba, le ka be le tseba le Ntate; mme ho tloha jwale, le a mo tseba, le bile le mmone.

8. Filipi a re ho yena: Morena, re bontshe Ntate, mme etlaba ho re lekane.

9. Jesu a re ho yena: Ke dutse le lona nako e kalo, mme ha o a ka wa ntseba, Filipi, na? Ya mponeng o bone Ntate, mme o ka rialo jwang, ha o re: Re bontshe Ntate?

10. Na ha o dumele hobane ke ho Ntate, le hobane Ntate o ho nna? Mantswe ao ke le bolellang wona, ha ke a bolele ke nnotshi; mme Ntate ya dutseng ho nna, ke yena ya etsang mesebetsi eo ke e etsang.

11. Ntumeleng, hobane ke ho Ntate, le hoba Ntate o ho nna; ho se jwalo, ntumeleng ka baka la yona mesebetsi.

12. Kannetenete ke re ho lona: Ya dumelang ho nna, mesebetsi eo ke e etsang, o tla e etsa le yena, o tla etsa le e fetisang ena, kahobane ke ya ho Ntate;

13. mme tsohle tseo le tla di kopa ka lebitso la ka, ke tla di etsa, hore Ntate a tlotliswe ka Mora.

14. Ekare ha le kopa ntho ka lebitso la ka, ke tla e etsa.

Johanne 14