Johanne 10:40-42 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

40. Yaba o boela a ya mose wane wa Jordane, moo Johanne a neng a kolobetsa teng pele; mme a dula teng.

41. Ba bangata ba ya ho yena, ba re: Johanne yena ha a ka a etsa mohlolo leha o le mong; empa taba tsohle tse boletsweng ke Johanne hodima enwa ke tsa nnete.

42. Mme moo, ha dumela ba bangata ho yena.

Johanne 10