16. Ke sa na le dinku tse ding, tseo e seng tsa lesaka lena; le tsona e ka kgona ke di tlise, mme di tla utlwa lentswe la ka, mme mohlape o tla ba mong, modisa le yena a be mong.
17. Seo ke ratwang ke Ntate ka baka la sona ke hobane ke bea bophelo ba ka, ke tle ke boele ke bo nke.
18. Ha ho motho ya nkamohang bona; ke nna ke bo beang ka ho rata ha ka; ke na le matla a ho bo bea, le matla a ho boela ke bo nka. Taelo eo ke e nkile ho Ntate.
19. Yaba phapang e boela e eba teng hara Bajuda ka baka la dipolelo tseo.
20. Ba bangata ho bona ba ne ba re: O na le motemona, o a hlanya; le mo mamellang na?
21. Ba bang ba ne ba re: Ditaba tseo hase tsa motho ya nang le motemona. Na motemona a ka tutubolla mahlo a difofu na?
22. Mokete wa Ntjhafalo ya tempele o no o etswa Jerusalema; e ne e le mariha.