Johanne 10:1-3 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Kannetenete ke re ho lona: Ya sa keneng ka monyako lesakeng la dinku, a mpa a tlolela teng kahosele, ke leshodu le senokwane.

2. Empa ya kenang ka monyako, yena ke modisa wa dinku.

3. Molebedi wa monyako o ye a mmulele, mme dinku di utlwe lentswe la hae, mme a bitse dinku tsa hae ka mabitso a tsona, a di ise kantle.

Johanne 10