6. haele bara ba Juda le bara ba Jerusalema, la rekisa ka bona ho bara ba Jafane, ba tle ba iswe hole le naha ya bona.
7. Bonang, ke se ke ya ba tsosa nqalong eo le rekileng ka bona ho yona, diketso tsa lona ke di busetse hodima dihlooho tsa lona;
8. ke tla rekisa ka bara ba lona le ka baradi ba lona ho bara ba Juda, ba rekise ka bona ho Basabea, setjhaba se hole, hobane Jehova o boletse.
9. Hlabang mokgosi hara ditjhaba, ka ho re: Itlhatswetseng ntwa le tsose dinatla! A ho atamele, a ho tle banna bohle ba ntwa!
10. Ka mehoma ya lona le tee disabole, ka disekele tsa lona le tee marumo! Ya fokolang a ke a re: Nna ke senatla!
11. Itlhahaneleng, le tle, lona ditjhaba tsohle tse kamathoko, le phuthehe! Wena Jehova, theolela dinatla tsa hao teng!
12. A ho tsohe, a ho tle ditjhaba kgohlong ya Josafate; hobane teng ke tla dula ho ahlola ditjhaba tsohle tse ka mathoko!
13. Akgelang sekele, hobane mabele a butswitse. Tloong, le hate, hobane sehatelo se tletse, dinkgo di bile di a kgaphatseha; hobane bolotsana ba bona bo boholo.
14. Matshwele, matshwele a teng a lehlanahlana kgohlong ya kahlolo! hobane le haufi letsatsi la Jehova, le tla ba teng kgohlong ya kahlolo.
15. Letsatsi le kgwedi di a fifala, le dinaledi di honyetsa phatsimo ya tsona.