Joele 2:5-11 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

5. Ba thala ka modumo o kang wa makoloi a mathang hodima dithaba; ke modumo o kang wa lelakabe la mollo le tjhesang matlakala; ba jwaloka setjhaba se matla se itokiseditseng ntwa.

6. Pela sona ditjhaba di a tlakasela, difahleho tsohle di fetoha mmala.

7. Ba matha jwaloka dinatla, ba hlwella lerako jwaloka banna ba ntwa; e mong le e mong o ya ka tsela ya hae, ha ba fapanyetsane ditsela.

8. Ha ba sututsane, e mong le e mong o ya ka tsela ya hae, ba itihela hara dibetsa, mme ha ba hlajwe.

9. Ba matha le motse, ba matha hodima lerako, ba hlwella matlung, ba kena ka difenstere jwaloka leshodu.

10. Pela setjhaba seo lefatshe le a thothomela, le mahodimo a sisinyeha; letsatsi le kgwedi di a fifala, le dinaledi di timetsa kganya ya tsona.

11. Jehova o phahamisa lentswe la hae pela makgotla a hae, hobane makgotla a hae a maholo haholo, mme mophethi wa lentswe la hae o matla, hobane le leholo letsatsi la Jehova, le tshabeha haholoholo; ya ka le mamellang ke mang?

Joele 2