Jobo 9:14-17 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

14. nna ke mang hore ke o fetole? Ke kgethe jwang ditaba tse nepehileng tsa ho o arabela?

15. Le hojane ke lokile, nke ke ka araba; nka ithapella mohau wa moahlodi wa ka feela.

16. Le hoja o ka araba mohoo wa ka, nka sitwa ho dumela hore o ka utlwa lentswe la ka;

17. wona o ntubang ka sefefo, o atisang maqeba a ka feelafeela!

Jobo 9