Jobo 34:3-20 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

3. Hobane tsebe e leka ditaba, jwalokaha mahalapa a latswa dijo.

4. A re batleng se lokileng, re boneng hammoho se leng molemo!

5. Hobane Jobo o itse: Ke lokile, mme Modimo o nkamohile toka ya ka;

6. ke etswa motho ya leshano, ha ke emela toka ya ka; ke hlabilwe ka motsu o bolayang, ke se na molato.

7. Motho ke mang ya jwaloka Jobo, ya nwang nyefolo jwaloka metsi;

8. ya dulang mokgatlong wa ba babe, ya tsamayang le bakgopo?

9. Hobane o itse: Motho ha a rue letho, leha a thabetse Modimo.

10. Lona, banna ba kutlwisiso, nkutlweng. Modimo o ke ke wa etsa bobe le ho leka; Ya matla wohle ha ho kamoo a ka etsang bokgopo kateng!

11. Empa o busetsa ho motho ho lekanang le mesebetsi ya hae, o mo fumantsha ho lekanang le mekgwa ya hae.

12. Ruri, Modimo o ke ke wa etsa ho sa lokang; Ya matla wohle a ke ke a kgopamisa ho loka.

13. Ke mang ya beileng lefatshe taelong ya wona? Kapa ke mang ya beileng lefatshe kaofela paballong ya wona?

14. Hola o ikgopola o le mong, hola o boela o inkela moya wa wona le pululo ya wona,

15. nama yohle e ne e tla shwa hang, mme motho o ne a tla kgutlela leroleng.

16. Jwale, ha ekaba o ena le kutlwisiso, mamela taba ena, o ele lentswe la dipolelo tsa ka hloko.

17. Ya hloyang ho loka na o ne a ka rena na? Kapa o ka tswa jwang ya nang le ho loka hohle,

18. ya tumisang bokgopo ba marena le bolotsana ba mahosana,

19. ya sa kgetheng tshobotsi ya baholo, ya sa rateng morui ho ena le mofumanehi; etswe bohle e le mosebetsi wa matsoho a hae?

20. Ba ye ba shwe hang, hara bosiu; setjhaba se ye se heletswe, se timele; ba matla ba tloswa, e seng ka letsoho la motho.

Jobo 34