Jobo 31:36-40 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

36. Nka be ke fela ka le jara ka lehetla la ka, nka ba ke le rwala phatleng jwaloka moqhaka!

37. Ke be ke tla mo phetela metsamao ya ka kaofela, mme jwaloka morena ke ne ke tla mo atamela!

38. Ha ekaba tshimo ya ka e a nqosa, mme ditema tsa yona di lla hammoho;

39. ha ekaba ke jele letshere la yona ke sa ka ka lefa, ka ba ka llisa pelo ya monga yona;

40. teng, ho ke ho mele meutlwa bakeng sa koro, le lehola bakeng sa harese.Dipolelo tsa Jobo di fella moo.

Jobo 31