Jobo 31:14-22 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

14. ke ne ke tla etsa jwang, hoja Modimo o ne o ka tsoha, le hoja o ne o ka batlisisa ditaba, ke be ke tla reng ho wona?

15. Ha ke re, ya mpopileng popelong, le eo o mmopile na? Na hase wona o re entseng popelong ya mosadi na?

16. Ha ekaba ke ne ke hane thapelo ya mofutsana, ka lebellisa mosadi wa mohlolohadi, a ba a khathala mahlo,

17. leha ekaba ke jele bohobe ba ka ke nnotshi, ke sa ka ka bo ngwathela kgutsana;

18. (athe, e sa le botjheng ba ka, o holetse ho nna, ka ba ho yena jwaloka ntatae, mme ke tsamaisitse mosadi wa mohlolohadi haesale ke etswa popelong ya mme)

19. ha ekaba nkile ka bona e mong ya timelang a se na diaparo, kapa mofumanehi ya hlokang seo a ikapesang ka sona,

20. mme matheka a bona a sa ka a ntlhohonolofatsa, mme ba sa ka ba futhumala ka boya ba dikonyana tsa ka;

21. ha ekaba letsoho la ka le kile la otla kgutsana, kahobane ke bone ha ke emetswe ke ba dutseng kgorong;

22. ha ho ka ba jwalo, lehetla la ka a le ke le we makopanong a lona, mme letsoho la ka le we, le robehe.

Jobo 31