Jobo 31:1-15 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Ke ne ke hlabe selekane le mahlo a ka, sa hore nke ke ka tadima morwetsana!

2. Hobane ke be nka bona kabelo e jwang hodimo ho Modimo, mme ke be nka bona lefa lefe lehodimong ho Ya matla wohle?

3. Tshenyeho na hase ya mosenyi na? le tahleho na ha ya beelwa ba sebetsang bokgopo na?

4. Na ha o bone ditsela tsa ka na? Na ha o bale mehato ya ka kaofela na?

5. Ha eba nkile ka tsamaya ka leshano, leha eba leoto la ka le phakisitse ho thetsa,

6. (Modimo o ke o ntekanye ka sekala sa ho loka, mme o tla fihlela hoba ha ke na molato)

7. ha ekaba mehato ya ka e kgelohile tsela ya wona, kapa pelo ya ka ha e lateletse takatso ya mahlo a ka, ditshila tsa ba tsa kgomarela matsoho a ka;

8. ha ho ka ba jwalo, nke ke leme, mme e mong a kotule, mahlomela a ka a ke a fotholwe.

9. Ha ekaba pelo ya ka e kile ya thetswa ke mosadi, kapa ha nkile ka lalla monyako wa eo ke ahisaneng le yena,

10. ha ho ka ba jwalo, mosadi wa ka a silele e mong, mme a fejwe ke ba bang;

11. hobane hoo ke sebe se tshabehang, ke bokgopo bo tshwanetseng ho otlwa ke baahlodi.

12. Efela ke mollo o ka tjhang ho isa sehokong, o tshwanetseng ho fothola maruo a ka kaofela.

13. Ha ekaba ke hanne tokelo ya mohlanka wa ka e motona, kapa ya e motshehadi, mohla ba tsekisanang le nna,

14. ke ne ke tla etsa jwang, hoja Modimo o ne o ka tsoha, le hoja o ne o ka batlisisa ditaba, ke be ke tla reng ho wona?

15. Ha ke re, ya mpopileng popelong, le eo o mmopile na? Na hase wona o re entseng popelong ya mosadi na?

Jobo 31