15. kapa le mahosana a neng a ruile dikgauta, a tlatsitse matlo a wona ka disilefera;
16. mohlomong ka ba siyo jwaloka sefolotsana se epetsweng, kapa jwaloka bana ba sa kang ba bona lesedi.
17. Teng, ba babe ba lesa ho ferekanya, teng ho phomola ba kgathetseng;
18. ba holehilweng ba dula ka kgotso, ha ba sa utlwa lentswe la motubi.
19. Teng, ba banyenyane le ba baholo ba lekana, mme mofo o lokolohile ho monghadi wa hae.
20. Ya madimabe o neelwang lesedi, ya hlomohileng pelo o neelwang bophelo,
21. e le ba lebeletseng lefu, mme ha le fihle, ba le tjheba ba le lakatsa ho fetisa letlotlo le patilweng,
22. ba thaba ka thabo e fetisisang, ba be ba nyakalle, ha ba fumana lebitla?
23. Ho tswetswe keng motho ya timeletsweng ke tsela ya hae, eo Modimo o mo patisang kahohle?