Jobo 28:17-20 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

17. Kgauta le kristale ha di bapiswe le jona; leha e le dikgabiso tsa kgauta, di ke ke tsa bo reka;

18. diperela le berile di ke ke tsa bolelwa pela jona; hobane bohlale bo fetisa theko ya korale.

19. Topase ya Ethiopia ha e lekane le jona, bo ke ke ba theolwa ke kgauta e hlwekileng ka ho fetisa.

20. Ha ho le jwalo, bohlale bo tswa kae? Le yona kutlwisiso e dutse nqalong efe?

Jobo 28