Jobo 13:1-5 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Bona, le wona mahlo a ka a bone taba tseo kaofela, tsebe tsa ka di di utlwile, mme di di etse hloko.

2. Seo le se tsebang ke a se tseba le nna, ha ke monyenyane ho lona.

3. Empa nka rata ho bua le Ya matla wohle, nka lakatsa ho kena tsekong le Modimo;

4. hobane lona, le balohi ba mashano, kaofela ha lona le dingaka tse se nang molemo.

5. Hoja la na la kgutsa, ho bo ho tla thwe: le bohlale.

Jobo 13