Jeremia 9:15-23 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

15. ka baka leo, ho itswe ke Jehova wa makgotla, Modimo wa Iseraele: Bonang, ke a fepa setjhaba sena ka lengana, ke se nose metsi a mahloko.

16. Mme ke tla ba qhalanyetsa ditjhabeng tse sa tsejweng ke bona, leha e le ke bontata bona, ke romele lerumo kamora bona, ke tle ke ba fedise.

17. Ho itswe ke Jehova wa makgotla: Batlang, mme le bitse basadi ba balli hore ba tle; le romele ho basadi ba masene hore ba tle;

18. ba akofe, ba re binele kodiyamalla, mahlo a rona a tle a tswe meokgo, dintshi tsa rona di tsholle metsi.

19. Hobane lentswe la pokollo le utlwahala Sione, le re: Jo nna! Re hlile re sentswe! Hase le ho hlabiswa dihlong, hobane re tlohela lefatshe, mehaho ya rona e heleditswe.

20. Ka baka leo, basadi, mamelang lentswe la Jehova, ditsebe tsa lona di ke di amohele lentswe la molomo wa hae; le rute baradi ba lona ho bina pina ya bofifi, motho a rute wa habo kodiyamalla.

21. Hobane lefu le tlolela ka difensetere tsa rona, le kena matlung a kgabileng, ho tla bolaya bana seterateng, le bahlankana mapatlelong.

22. Ere: Ho itswe ke Jehova: Le ditopo tsa batho di tla wa, di be jwaloka moitedi naheng, le jwaloka diqwapi tseo mokotudi a di siileng, ho se ya di thonakang.

23. Ho itswe ke Jehova: Ya leng bohlale a se ke a ithorisa bohlaleng ba hae, ya matla a se ke a ithorisa matleng a hae, mofumi a se ke a ithorisa lefumong la hae.

Jeremia 9