Jeremia 9:13-20 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

13. Ho itswe ke Jehova: Erekaha ba lahlile molao wa ka oo ke neng ke o beile pela bona, ba sa ka ba utlwa lentswe la ka, ba sa ka ba tsamaya ka lona;

14. ba mpa ba nnile ba tsamaya ka bothata ba dipelo tsa bona le ka ho latela boBaale, kamoo ba rutilweng kateng ke bontata bona;

15. ka baka leo, ho itswe ke Jehova wa makgotla, Modimo wa Iseraele: Bonang, ke a fepa setjhaba sena ka lengana, ke se nose metsi a mahloko.

16. Mme ke tla ba qhalanyetsa ditjhabeng tse sa tsejweng ke bona, leha e le ke bontata bona, ke romele lerumo kamora bona, ke tle ke ba fedise.

17. Ho itswe ke Jehova wa makgotla: Batlang, mme le bitse basadi ba balli hore ba tle; le romele ho basadi ba masene hore ba tle;

18. ba akofe, ba re binele kodiyamalla, mahlo a rona a tle a tswe meokgo, dintshi tsa rona di tsholle metsi.

19. Hobane lentswe la pokollo le utlwahala Sione, le re: Jo nna! Re hlile re sentswe! Hase le ho hlabiswa dihlong, hobane re tlohela lefatshe, mehaho ya rona e heleditswe.

20. Ka baka leo, basadi, mamelang lentswe la Jehova, ditsebe tsa lona di ke di amohele lentswe la molomo wa hae; le rute baradi ba lona ho bina pina ya bofifi, motho a rute wa habo kodiyamalla.

Jeremia 9