Jeremia 6:13-21 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

13. Hobane ba hlile ba ineela takatso ya ho rua kaofela, e monyenyane le e moholo; moporofeta le moprista e mong le e mong ba etsa bohata.

14. Ba oka leqeba la moradi wa setjhaba sa ka ka bobebe, ka ho re: Kgotso! kgotso! kanthe ha ho kgotso.

15. Ba tla hlabiswa dihlong, hobane ba ntse ba etsa manyala. Jo! ha ba tsebe ho hlabiswa dihlong, ha ba utlwe bohloko ba dihlong; ka baka leo, ba tla wa le ba wang; mohla ke ba kgalemelang, ba tla dihuwa, ho bolela Jehova.

16. Ho itswe ke Jehova: Emang ditseleng le tadime, le botse ditsela tsa kgale; botsang hore na tsela e ntle ke efe? mme le tsamaye ka yona, le tle le fumanele meya ya lona phomolo. Ba mpa ba re: Ha re na ho tsamaya teng.

17. Ke beile ho lona dibohodi tse reng: Mamelang lentswe la terompeta. Ba mpa ba re: Ha re na ho mamela.

18. Ka baka leo, utlwang, lona ditjhaba, mme wena phutheho ya ditjhaba, o tsebe se tla ba hlahela.

19. Wena lefatshe, mamela! Bonang, ke ya tlisetsa setjhaba sena kotsi, e leng tholwana ya mehopolo ya sona, hobane ha ba ka ba mamela mantswe a ka, mme ba nyedisitse molao wa ka.

20. Dibano tse tswang Sheba e ka ba eng ho nna, le monko o monate la naha e hole nka le reng? Ditjheso tsa lona ha di nkgahlise, mahlabelo a lona ha a nnatefele.

21. Ka baka leo, ho itswe ke Jehova: Bonang, ke ya beela setjhaba sena dikgopiso; banna le bana hammoho ba tla kgoptjwa ho tsona; motala wa teng le motswalle wa hae ba tla timela.

Jeremia 6