Jeremia 52:21-29 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

21. Mme ditshiya tse pedi, bolelele ba tshiya e nngwe e ne e le ditswe tse leshome le metso e robileng meno e le mmedi; e ne e kopjwa ka kgole ya ditswe tse leshome le metso e mmedi; mme botenya ba yona e ne e le menwana e mene, hobane e ne e le sekoti.

22. Hlooho ya koporo e ne e le teng ntlheng ya hodimo ya yona; bolelele ba hlooho e nngwe e ne e le ditswe tse hlano; letanta le digaranata di ne di le teng molaleng wa hlooho, e le tsa koporo kaofela ha tsona; tshiya ya bobedi e ne e le jwaloka eo, e ena le digaranata.

23. Digaranata di ne di le mashome a robileng mono o le mong le metso e tsheletseng, ka nqa tsohle, kantle, mme digaranata tsohle di ne di le lekgolo letanteng le molaleng.

24. Molaodi wa balebedi a nka Seraia, moprista e moholo, le Sofonia, moprista ya hlahlamang, le balebedi ba bararo ba menyako.

25. Hape, a nka motseng molebedi e mong ya neng a beilwe ho hlahloba bahlabani, le banna ba supileng ho ba neng ba ema pela morena, ba ileng ba fumanwa motseng; le mongodi wa molaodi wa makgotla, ya neng a mema setjhaba sa lefatshe; le banna ba mashome a tsheletseng ba setjhaba sa lefatshe ba ileng ba fumanwa hara motse.

26. Bao Nebusaradane, molaodi wa balebedi, a ba tshwara, a ba isa ho morena wa Babilona, Ribla.

27. Morena wa Babilona a ba otla, a ba bolaela Ribla, lefatsheng la Hamathe.Juda a falatswa jwalo lefatsheng la hae, a iswa kgolehong.

28. Ba setjhaba bao Nebukadresare a ileng a ba isa kgolehong, ke bana: Ka lemo sa bosupa ya eba Bajuda ba dikete tse tharo tse nang le mashome a mabedi a metso e mararo.

29. Ka selemo sa leshome le metso e robileng meno e le mmedi sa Nebukadresare, a tlosa Jerusalema batho ba makgolo a robileng meno e le mmedi a nang le mashome a mararo a metso e mmedi.

Jeremia 52