27. Hlabang dipoho kaofela tsa lona, di ke di theohele polaong. Ho madimabe bona, hobane ho tlile letsatsi la bona, nako ya kgalemelo ya bona.
28. Lentswe la ba balehang le la ba phonyohang lefatsheng la Babilona le utlwahala Sione, ho tsebisa ba teng tefetso ya Jehova, Modimo wa rona, ya ho itefelletsa tempele ya hae.
29. Biletsang Babilona babetsi bohle ba fulang ka seqha; mo teeleng hare, ho se ke ha eba ya phonyohang; le busetse ho yena ka ketso ya hae, ka tsohle tseo a le entseng tsona, le mo etse jwalo, hobane o ikgantsheditse Jehova, Mohalaledi wa Iseraele.
30. Ka baka leo, bahlankana ba hae ba tla wa diterateng, bahlabani bohle ba hae ba fediswe tsatsing leo, ho bolela Jehova.
31. Bona, ke tla ho wena, moikgohomosi, ho bolela Morena, Jehova wa makgotla, hobane ho tlile letsatsi la hao, nako eo ke o kgalemelang ka yona.
32. Ho ya tetema moikgohomosi, o tla wa, ha ho motho ya tla mo tsosa, mme ke tla besa mollo metseng ya hae, o tle o fedise mathoko a hae kaofela.
33. Ho itswe ke Jehova wa makgotla: Bana ba Iseraele le bana ba Juda ba ile ba tujwa hammoho, bohle ba ba isitseng kgolehong ba ba tiiseditse matla, ba hana ho ba lesela.
34. Empa Molopolli wa bona o matla, Jehova wa makgotla ke lebitso la hae; ruri, o tla ba ahlolela, hore a tle a nee lefatshe phomolo, a ferekanye baahi ba Babilona.