Jeremia 5:27-29 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

27. Matlo a bona a tletse boshodu, jwaloka serojana se tletseng dinonyana; ke moo ba ikgodisang, mme ba fumile.

28. Ba nonne, ba sotse, le hona ba tlodisa bobe bo ka bolelwang. Ho ahloleng ha ba ahlole, ha ba ahlolele kgutsana, mme ba atleha; ha ba etsetse nyewe ya mafutsana kahlolo.

29. Na nka lesa ho kgalemela ntho tseo, ho bolela Jehova, kapa nka lesa ho iphethetsa ho setjhaba se jwaloka sena?

Jeremia 5