9. Hoja ebe bakotudi ba merara ba kena ho wena, ha ke re, ba ne ba tla siya ho ka kgwahlapiswang na? Hoja ebe e le mashodu a bosiu, ha ke re, a ne a tla senya ka ho lekana feela?
10. Empa nna, ke hlobodisitse Esau, ke phahlile ditshabelo tsa hae, ha ho sa le moo a ka ipatang teng; leloko la hae le sentswe, le banababo, le ba ahisaneng le yena; o se a le siyo.
11. O ka siya dikgutsana tsa hao, nna ke tla di pholosa, le bona basadi ba bahlolohadi ba hao ba tla ntshepa.
12. Hobane ho itswe ke Jehova: Bonang, ba neng ba sa lokele ho nwa ba tla nwa senwelo, mme wena, o ka be o sa kgalemelwe na? O ke ke wa leswa o sa kgalemelwe, empa e ka kgona o nwe.
13. Hobane ke ana ka nna, ho bolela Jehova, hore Botsra o tla etswa makatso, le nyediso, le tshenyeho, le thohako; le metse kaofela ya teng e tla ba mafeella ka ho sa feleng.
14. Ke utlwile tsebiso e tswang ho Jehova, le molaetsa o rometsweng ho ditjhaba, o re: Bokanang, le mo futuhele, le tsohele ntweng.
15. Hobane bona, ke ya o etsa e monyenyane hara ditjhaba, le ya nyediswang hara batho.
16. Boikakaso ba hao bo o thetsitse, le boikgantsho ba pelo ya hao, ha o ahile mapetsong a mafika, o dutse phahameng ya marallana! Le hoja o ka haha ntlo ya hao phahameng jwaloka ntsu, ke tla o diha teng, ho bolela Jehova.
17. Edomo o tla etswa lesupi feela; e mong le e mong ya fetang ka yena o tla makala, a some bakeng sa dikotsi tsa hae kaofela.
18. Jwalokaha ho kile ha eba ho ripitlweng ha Sodoma le ha Gomorra, le ha metse e mabapa le teng, ho bolela Jehova, ho ke ke ha aha motho leha e le ngwana motho ho ikahela teng.
19. Bonang, jwaloka tau ha e nyoloha mahlakeng a Jordane, o ya nyolohela leahong le thata; mme hang ke tla balehisa Edomo ho lona; eo ke mo kgethang ke tla mo laeletsa yena. Hobane ke mang ya jwaloka nna? Ke mang ya ka mpiletsang kgotla? Ke mang modisa ya ka emang pela ka?