Jeremia 46:5-8 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

5. Ke ba bona keng ba thothomela, ba kgutla kasanthao, le bahale ba bona ba qhadilwe keng, mme ba baleha keng ba sa retelehe? Ho tshabeha ka nqa tsohle, ho bolela Jehova.

6. Ya leng lebelo a se ke a baleha, le mohale a se ke a phonyoha; ka nqa leboya lebopong la noka ya Eufrate, ba thekesela, ba wela teng.

7. Ke mang eo ya nyolohang a le jwaloka noka ya Nile, jwalokaha noka e ntse e tsokotsa metsi a yona?

8. Ke Egepeta ya nyolohang a le jwaloka noka ya Nile; ho jwalokaha noka e ntse e tsokotsa metsi a yona; o re: Ke tla nyoloha, ke aparele lefatshe, ke senye motse le baahi ba wona.

Jeremia 46