Jeremia 44:1-7 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Lentswe le kileng la tla ho Jeremia bakeng sa Bajuda kaofela ba ahileng lefatsheng la Egepeta, e leng ba ahileng Migdole, le Takpanese, le Nofe, le naheng ya Pathrose, la re:

2. Ho itswe ke Jehova wa makgotla, Modimo wa Iseraele: Le bone bobe bohle boo ke bo hlahiseditseng Jerusalema le metse kaofela ya Juda; bonang, kajeno e hlile e senyehile, ha ho sa le moahi ho yona;

3. ke ka baka la bobe bohle boo ba bo entseng ho mphephetsa ka ho tsamaela medimo esele, le ka ho e tjhesetsa dibano, le ka ho e sebeletsa, eo ba neng ba sa e tsebe, leha e le bona, leha e le lona, leha e le bontata lona.

4. Nkile ka nna ka le romela bahlanka ba ka kaofela, e leng baporofeta, ke ntse ke tsoha e sa le hosasasasa, ke ba roma ka ho re: Le se ke la etsa ntho eo e manyala, eo ke e hloileng.

5. Ba mpa ba sa ka ba utlwa; ha ba ka ba sekeha ditsebe tsa bona, hore ba bake bolotsaneng ba bona, mme ba lese ho tjhesetsa medimo esele dibano.

6. Bohale ba ka le kgalefo ya ka ya ba ya tsholoha, ya tuka metseng ya Juda le diterateng tsa Jerusalema, tse fetohileng lesupi le lefeella, jwalokaha ho bonahala kajeno.

7. Mme jwale, ho itswe ke Jehova, Modimo wa makgotla, Modimo wa Iseraele: Le etseditseng meya ya lona hampe hakakalo, hore ho be ho kgaolwe ka baka la lona monna le mosadi, ngwana le lesea mahareng a Juda, hore ho se ke ha sala masala a lona?

Jeremia 44