15. Johanane, mora Karea, o bolella Gedalia ka sephiring, Mitspe, a re: Ha nke ke ye, ke bolaye Ishmaele, mora Nethania; ho ke ke ha tseba motho. O ne a tla o bolaelang? Bajude bohle ba phuthehetseng ho wena na ba ne ba ya qhalanelang, masala a Juda a timele?
16. Empa Gedalia, mora Akikame, a araba Johanane, mora Karea, a re: O se ke wa etsa hoo, hobane o etselletsa Ishmaele.