Jeremia 37:19-21 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

19. Ba kae baporofeta ba lona ba nnileng ba le porofetela, ba re: Morena wa Babilona a ke ke a le futuhela, lona le lefatshe lena?

20. Mme jwale, ako mmamele, monga ka, morena, thapelo ya ka e ke e bewe pela hao, o se ke wa mpusetsa ka tlung ya Jonathane mongodi, ke tle ke se ke ka shwela teng.

21. Yaba morena Tsedekia o laela hore Jeremia a bewe lebaleng la teronko, a newe ka tsatsi le leng le le leng polokwe ya bohobe e tswang seterateng sa diapehi, ho fihlela bohobe bo fela motseng. Mme Jeremia a hlola lebaleng la teronko.

Jeremia 37