22. Yaba morena Jojakime o romela batho Egepeta, a roma Elnathhane, mora Akbore, a ena le ba bang ho ya Egepeta.
23. Ba ntsha Uria Egepeta, ba mo tlisa ho morena Jojakime, a mo hlaba ka lerumo, a ba a lahlela setopo sa hae mabitleng a bao e leng batho feela.
24. Empa letsoho la Akikame, mora Shafane, la emela Jeremia, hore a se ke a neelwa matsohong a setjhaba ho bolawa.