Jeremia 25:4-8 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

4. Jehova o nnile a roma ho lona bahlanka ba hae kaofela, baporofeta, a ba roma a ntse a tsoha esale hosasasasa, le mpa le sa ka la mamela, mme le sa ka la sekeha ditsebe tsa lona ho utlwa.

5. Ba ne ba re ho lona: Sokolohang hle e mong le e mong mekgweng e mebe ya hae, le bolotsaneng ba diketso tsa lona, le tle le ikahele lefatsheng leo Jehova a le neileng lona le bontata lona kamehla le ka ho sa feleng;

6. le se ke la tsamaela medimo esele ho e sebeletsa le ho e kgumamela, le se ke la mphephetsa ka diketso tsa matsoho a lona, mme etlaba ha ke na ho le hlahisetsa bobe.

7. Empa ha le a ka la nkutlwa, ho bolela Jehova, e le hore le tle le mphephetse ka diketso tsa matsoho a lona, ke tle ke le hlahisetse bobe.

8. Ka baka leo, ho itswe ke Jehova wa makgotla: Erekaha le sa ka la utlwa lentswe la ka,

Jeremia 25