10. Hobane lefatshe le tletse bafebi; lefatshe le lla ke dithohako, makgulo a nahathothe a tjhele. Metsamao ya bona e mebe, matla a bona ke a sa lokang.
11. Hobane haele baporofeta le baprista ke banyefodi, le hona ke fumane bolotsana ba bona ka tlung ya ka, ho bolela Jehova.
12. Ka baka leo, tsela ya bona ho bona e tla ba jwaloka nqalo e boreledi, e lefifi; ba tla kgothometswa, ba wele teng, hobane ke tla ba hlahisetsa tsietsi mohla ke ba kgalemelang; ho bolela Jehova.
13. Nkile ka bona bowatla baporofeteng ba Samaria; ba porofetile ka Baale, ba kgelositse setjhaba sa ka sa Iseraele.
14. Empa baporofeteng ba Jerusalema ke bone manyala, ho feba le ho tsamaya leshanong; ba tiisa matsoho a ba babe, ba tle ba se ke ba sokoloha e mong le e mong bobeng ba hae. Ho nna kaofela ha bona ba jwaloka Sodoma, baahi ba teng ba jwaloka Gomorra.