1-2. Lentswe la Jehova la tla ho nna, la re: Eya, o howe ditsebeng tsa Jerusalema, o re: Ho itswe ke Jehova: Ke ntse ke hopola borapedi ba botjha ba hao le lerato la hao mohla ke o nyalang, ha o ne o ntse o ntshala morao lefeelleng, lefatsheng le sa lengweng.
3. Iseraele e ne e le ntho e kgethehileng ho Jehova, dithakangwaha tsa leruo la hae; ba mo jang bohle ba ne ba na le molato, ba ne ba hlahelwa ke bobe, ho bolela Jehova.
4. Utlwang lentswe la Jehova, lona ntlo ya Jakobo le lona meloko kaofela ya ntlo ya Iseraele!
5. Ho itswe ke Jehova: Bontata lona ba kile ba fumana bokgopo bofe ho nna, ha ba kile ba ya hole le nna, ba tsamaela bosawana, mme ba fetohile bosawana?
6. Ha ba ka ba re: O kae Jehova, ya re nyolotseng lefatsheng la Egepeta, ya re tsamaisitseng lefeelleng, naheng e tshehla, ya dikoti, naheng e omileng, ya moriti wa lefu, naheng e se nang motho ya fetang teng, leha e le motho ya ahileng teng?
7. Ke le tlisitse lefatsheng la nala, hore le tle le je ditholwana tsa lona le monono wa lona; le ile la kena, mme le silafaditse lefatshe la ka, le lefa la ka le le entse manyala.