13. Ha ho le jwalo, ere ho bona: Jehova o re: Bonang, baahi kaofela ba lefatshe lena, le marena a dutseng teroneng ya Davida, le baprista, le baporofeta, le baahi kaofela ba Jerusalema, ke tla ba tlatsa ka seno se tahang;
14. ke thulanye e mong le wa habo, banna le bara hammoho, ho bolela Jehova. Nke ke ka ba le mohau, leha e le ho qenehela, leha e le ho hauhela hore ke se ba timetse.
15. Utlwang, le mamele; le se ke la ithorisa, hobane ho bua Jehova.
16. Neang Jehova, Modimo wa lona, letlotlo, a eso ho hlahise lefifi, maoto a lona a eso ho kgoptjwe dithabeng tsa bosiu, a eso ho fetole lesedi leo le le lebeletseng moriti wa lefu, le ho hlahisa botsho.
17. Empa ekare ha le sa utlwe hoo, pelo ya ka e tla lla sephiring ka baka la boikgohomoso ba lona, mahlo a ka a tla lla, a be a lle, a tsholle meokgo, ke hobane mohlape wa Jehova o ya iswa kgolehong.
18. Bolella morena le mofumahadi, o re: Ikokobetseng, le ke le dule fatshe, hobane moqhaka wa kganya ya lona o wele dihloohong tsa lona.
19. Metse e nqa borwa e kwaletswe, mme ha ho ya e bulang; Juda kaofela o iswa kgolehong, o iswa kaofela kgolehong.
20. Emisa mahlo a hao, o tadime ba tswang nqa leboya. O kae mohlape oo o neng o o neilwe, mohlape wa letlotlo la hao?
21. O tla reng, mohla o otlwang? Empa ke wena ya ba lemaleditseng ho o busa jwaloka hoja o le matleng a bona. Na o ke ke wa tshwarwa ke bohloko, jwaloka mosadi ya belehang?
22. Ha o ka ipolella pelong ya hao, wa re: Na ntho tseo di hlile tsa ntlhahela keng? Ke ka baka la bokgopo ba hao bo boholo o honeletswang mose wa hao, mme direthe tsa hao di phumuhileng habohloko.
23. Na Moethiopia a ka fetola letlalo la hae, kapa lengau le ka fetola matheba a lona na? Ha ho ka ba jwalo, le ka tseba ho etsa hantle, athe le ba itemaleditseng ho etsa hampe.
24. Empa ke tla ba qhalanya jwaloka mooko o kgoholwang ke moya wa lefeella.
25. Eo ke kabelo ya hao, karolo eo ke o lekanyetsang yona, ho bolela Jehova, hobane o hlile wa ntebala, mme o itshepetse leshano.
26. Mme nna ke tla o honeletsa mose ho fihlela sefahlehong sa hao, ho tle ho bonwe ponopono ya hao.