Jeremia 11:20-23 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

20. Empa, oho Jehova wa makgotla, moahlodi ya lokileng ya lekang matheka le dipelo, ke tla bona boiphetetso ba hao ho bona, hobane ke o laeleditse nyewe ya ka.

21. Ka baka leo, ho itswe ke Jehova, bakeng sa batho ba Anathothe, ba tsomang bophelo ba hao, ba reng: O se ke wa nna wa porofeta ka lebitso la Jehova, o tle o se ke wa shwa ka matsoho a rona.

22. Ka baka leo, ho itswe ke Jehova wa makgotla: Bonang, ke se ke tla ba otla, ba batjha ba shwe ke lerumo, bara ba bona le baradi ba bona ba shwe ke tlala.

23. Ha ho ka ke ha phonyoha le a mong ho bona, hobane ke tla hlahisetsa batho ba Anathothe kotsi ngwaheng wa kgalemelo ya bona.

Jeremia 11