10. Ba boetse bokgopong ba bontata bona moholo ba kileng ba hana ho utlwa mantswe a ka, ba tsamaela medimo esele ho e sebeletsa. Ntlo ya Iseraele le yona ntlo ya Juda e se e robile selekane seo ke neng ke se hlabile le bontata bona.
11. Ka baka leo, ho itswe ke Jehova: Bonang, ke ya ba hlahisetsa kotsi eo ba ke keng ba e phema; ba tla howeletsa ho nna, empa ha ke na ho ba utlwa.
12. Esita le metse ya Juda le baahi ba Jerusalema, ba tla ya, ba howeletse ho medimo eo ba e tjhesetsang dibano, empa e ke ke ya ba thusa letho tsatsing la tsietsi ya bona.
13. Hobane wena Juda, palo ya medimo ya hao e ka ka ya metse ya hao; palo ya dialetare tse dihlong, e leng dialetare tsa ho tjhesetsa Baale dibano, e lekana palo ya diterata tsa Jerusalema.
14. Mme wena, o se ke wa rapella setjhaba sena, o se ke wa ba phahamisetsa mohoo leha e le thapelo, hobane mohla ba bitsang ho nna ka baka la tsietsi ya bona, ha ke na ho ba mamela.
15. Moratwana wa ka o sa na le eng ka tlung ya ka, ha ho ntse ho etswa ke yena bolotsana bo bongata? Le nama e kgethehileng e ya tloswa ho wena. Ereha o etsa bobe, ke hona o thabang!
16. Jehova o ne a o reile lebitso la mohlwaare o motala o motle, wa ditholwana tse ratehang. Ka modumo o moholo o o tukiseditse mollo, mme makala a wona a kgebotswe.
17. Hobane Jehova wa makgotla, ya neng a o hlomile, o hlile a laela bobe bakeng sa hao, ka baka la bolotsana ba ntlo ya Iseraele le ba ntlo ya Juda, boo ba bo entseng, ba tle ba nkgalefise ka ho tjhesetsa Baale dibano.
18. Jehova a ntsebisa, mme ka tseba; ke moo o ileng wa mpontsha diketso tsa bona.
19. Mme nna, jwaloka konyana e bonolo e iswang ho hlajwa, ke ne ke sa tsebe hobane ba ka rera morero bakeng sa ka, o reng: A re bolayeng sefate le dijo tsa sona, re mo epolle lefatsheng la ba utlwang, le lebitso la hae le tle le se ke la hlola le sa hopolwa.