Jeremia 10:6-8 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

6. Ha ho ya jwaloka wena, Jehova; o moholo, lebitso la hao le leholo ka baka la matla a hao.

7. Ya ka beng a sa o tshabe ke mang, Morena wa ditjhaba? Hobane o lokelwa ke ho tshajwa, hobane hara ba hlalefileng kaofela ba ditjhaba le hara mebuso yohle ya tsona ha ho ya jwaloka wena.

8. Bohle hammoho ke mawatla le dithoto; thuto ya bona ke bohata, ke sefate!

Jeremia 10