2. eo lentswe la Jehova le kileng la tla ho yena mehleng ya Josiase, mora Amone, morena wa Juda, ka selemo sa leshome le metso e meraro sa ho busa ha hae.
3. La eba teng le mehleng ya Jojakime, mora Josiase, morena wa Juda, ho isa qetellong ya selemo sa leshome le motso o mong sa puso ya Tsedekia, mora Josiase, morena wa Juda, mohla ba Jerusalema ba iswang kgolehong, ka kgwedi ya bohlano.
4. Lentswe la Jehova la tla ho nna, la re:
5. Ke o tsebile ke eso ho o bope mpeng ya mmao; o eso ho tswe popelong, ke o kgethile, mme ke o beile moporofeta wa ditjhaba.
6. Yaba ke re: Oho Morena Jehova, bona, ha ke tsebe ho bua, hobane ke sa le ngwana.
7. Jehova a re ho nna: O se ke wa re: Ke sa le ngwana, o mpe o ye ho bohle bao ke tla o romela ho bona, o bolele tsohle tseo ke tla o laela tsona.
8. O se ke wa ba tshaba, hobane ke na le wena ho o namolela, ho bolela Jehova.
9. Yaba Jehova o otlolla letsoho la hae, a ama molomo wa ka; mme Jehova a re ho nna: Bona, ke bea mantswe a ka molomong wa hao.