10. Empa haele wena, o rutehile thuto ya ka ruri, le ho etsa ha ka, le phehello ya ka, le tumelo ya ka, le mamello ya ka, le lerato la ka, le sebete sa ka;
11. le dihloriso le tse bohloko tse kileng tsa ntlhahela Antioke, le Ikone, le Listra, le dihloriso dife le dife tseo ke di mameletseng; empa Morena o ntwetse ho tsona kaofela.
12. Bohle ba ratang ho phela ka borapedi bo ho Jesu Kreste, ba tla hloriswa jwalo.
13. Empa batho ba lonya, ba thetsang, ba ya nne ba tswele pele tshenyong, ba ntse ba thetsa, ba ntse ba thetswa.
14. Empa haele wena, o eme ho tseo o ithutileng tsona, tseo o di tiiseditsweng, o ntse o tseba eo o ithutileng tsona ho yena;