8. Empa Davida a swaba ke hobane Jehova a entse sekgeo Iseraeleng, ka ho bolaya Ussa; ka baka lena, bitso la teng a le bitsa Peretse-Ussa (sekgeo sa Ussa); le kajeno ke la teng.
9. Tsatsing leo, Davida a tshaba Jehova, a re: Areka ya Jehova e ka tla jwang ha ka?
10. Davida a hana ke hona ho isa areka ya Jehova ha hae motseng wa Davida, a e faposetsa tlung ya Obed-Edomo wa Gathe.
11. Areka ya Jehova ya dula ha Obed-Edomo wa Gathe kgwedi tse tharo; mme Jehova a hlohonolofatsa Obed-Edomo le ntlo ya hae kaofela.
12. Morena Davida a tsebiswa, ha thwe: Jehova o hlohonolofaditse ntlo ya Obed-Edomo le tsohle tsa hae, ka baka la areka ya Modimo. Yaba Davida o ya lata areka ya Modimo ha Obed-Edomo, a e tlisa motseng wa Davida a thabile.
13. Enere ba jereng areka ya Jehova ha ba hatile hatshelela, ho ne ho hlajwa kgomo le namane e nonneng.
14. Haele Davida, o ne a hobela ka matla wohle a hae pela areka ya Jehova; mme Davida o ne a apere efoda ya lene.
15. Davida le bohle ba ntlo ya Iseraele ba tsamaisa areka ya Jehova jwalo, ka ditlatse le ka ho letsa diterompeta.
16. Areka ya Jehova ha e fihla motseng wa Davida, Mikale, moradi wa Saule, ha a nyarela ka fensetere, a bona morena Davida a tlolaka, a hobela pela Jehova, mme a mo nyedisa ka pelong ya hae.
17. Ha ba fihla le areka ya Modimo, ba e bea tulong tsa yona, tenteng eo Davida a e hlometseng yona, mme Davida a boela a hlaba mahlabelo a ditjheso le a teboho pela Jehova.
18. Eitse hobane Davida a qetelle ho hlaba mahlabelo a ditjheso le a teboho, a hlohonolofatsa setjhaba ka lebitso la Jehova wa makgotla.