1. Ntwa ya nna ya ya halele ya ntlo ya Saule le ntlo ya Davida, Davida yena a nna a ya a tiya, ntlo ya Saule yona ya nna ya fokola.
2. Davida, ha a le Hebrone, a tswallwa bashemane; wa hae wa letsibolo ke Amnone ka Akinohame wa Jisreele;
3. wa bobedi ke Kileabe ka Abigaile, mosadi wa Nabale wa Karmele; wa boraro ke Absalome, mora Maaka, moradi wa Talmai, morena wa Geshure;
4. oa bone ke Adonija, mora Haggithe; wa bohlano ke Shefathia, mora Abithale;
5. wa botshelela ke Jithreame, ka Egla, mosadi wa Davida; bao ba tswallwa Davida, a le Hebrone.