2 Samuele 22:15-17 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

15. A betsa metsu ya hae, mme a ba qhalanya ka yona; a romela mahadima, a ba qhemetsa ka wona.

16. Mangope a lewatle a hlaha; ha bonahala le metheo ya lefatshe ka baka la kgalemelo ya Jehova, le pudulo ya moya o tswang dinkong tsa hae.

17. A nanabetsa letsoho a le phahameng, a ntshwara, a nkgula metsing a maholo;

2 Samuele 22