2 Samuele 14:8-14 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

8. Ebile morena o re ho mosadi: O ikele hae haeno; ke tla laela bakeng sa hao.

9. Mosadi wa Tekowa a re ho morena: Morena, monga ka, molato o ke o bewe hodima ka le hodima ntlo ya ntate, morena yena a hloke molato, le yona terone ya hae.

10. Morena a re: Ya ka o buisang, o ke o mo tlise ho nna, mme ha a sa tla hlola a o kgathatsa.

11. Mosadi a re: Morena a ke a hopole Jehova, Modimo wa hae, hore mophetetsi wa madi a se ke a eketsa ho senya, ka ho timetsa mora ka! Davida a re: Ka Jehova ya utlwang, ha ho ka ke ha wela fatshe qoba le e nngwe ya moriri wa mora hao.

12. Mosadi a re: Lekgabunyane la hao le ke le eketse ho bua pela morena, monga ka. Morena a re: Bua.

13. Mosadi a re: Homme ke ka baka lang ha o hopotse ho etsetsa setjhaba sa Modimo taba e kale ka eo na? Ka taba eo morena a e boletseng, o ikentse motho ya kang o molato, kahobane morena a sa late ngwana hae ya lelekilweng.

14. Athe re fela re tshwanetse ho shwa, re jwaloka metsi a tsholohetseng fatshe, a ke keng a boela a bokellwa; wona Modimo ha o amohe motho bophelo ba hae, athe o ye o hopole mokgwa wa hore ya lelekilweng a se ke a lahlelwa ruri pela wona.

2 Samuele 14