2 Samuele 10:3-13 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

3. baholo ba bana ba Ammone ba re ho Hanune, morena wa bona: Ha Davida a rometse batshedisi ho wena, hleka o re, ke ka ho hlonepha ntatao na? Ha Davida a rometse bahlanka ba hae ho wena, hleka hase ho tla qamakisisa le ho hlwela motse, hore a o timetse na?

4. Yaba Hanune o tshwara bahlanka ba Davida, a ba beola ditedu ka nqa e nngwe, a seha le diaparo tsa bona kalehare ho isa lethekeng, a ba a ba kgutlisa ba le jwalo.

5. Eitse hobane ba tsebise Davida, a romela ho ba kgahlanyetsa, hobane banna bao ba ne ba le dihlong haholo; mme morena a re: Dulang Jeriko, ditedu tsa lona di be di mele, le ntoo boya.

6. Bana ba Ammone ba bona hobane ba ikentse ba nkgang hampe ho Davida; yaba bana ba Ammone ba romela ho mema Basiria ba Bethe-Rehobe, le Basiria ba Tsoba, e le batho ba mashome a mabedi a dikete ba maoto, ba morena wa Maaka e le ba sekete se le seng, le ba Tobe e le ba dikete tse leshome le metso e mmedi.

7. Davida ha a utlwa, a roma Joabe le sera sohle sa banna ba ntwa.

8. Jwale, bana ba Ammone ba tswa, ba hlopholla ntwa pela kgoro ya motse; Basiria ba Tsoba le ba Rehobe, le ba Tobe, le ba Maaka, ba dula tulong tsa bona naheng.

9. Joabe ha a bona hobane ntwa e ya mo tlela, e nngwe e le kapele, e nngwe e le kamorao, a kgetha mokgetho wohle wa Iseraele, a ba lokisa hore ba kopanye ntwa le Basiria.

10. Ba bang ba setseng a ba nea Abishai moenae, hore a ba lokise ho ya kopanya ntwa le bana ba Ammone.

11. Joabe a re ho yena: Ha Basiria ba ka nkimela, o tle o tlatsetse ho nna; ha bana ba Ammone ba o imela, ke tla tlatsetsa ho wena.

12. Etsa ka senna, o iphe matla ho lwanela setjhaba sa heso le metse ya Modimo wa rona, mme Jehova a ke a etse kamoo a ratang kateng.

13. Joabe a ntoo atamela le batho bao a nang le bona ho ya lwantsha Basiria, mme ba baleha pela hae.

2 Samuele 10